ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.
Ba tla hapa maruo a hao, ba tlatlape mesebetsi ya hao ya kgwebo; ba tla qhaqholla marako a hao, ba ripitle matlo a hao a matle, ba lahlele majwe a hao le difate tsa hao le lerole la hao metsing.
Ka bongata ba melato ya hao le ka bokgopo ba kgwebo ya hao o silafaditse dihalalelo tsa hao. Ke hona ke ntshitseng ho wena mollo o tla o tjhesa, mme ke tla o etsa thotobolo ya molora lefatsheng pela bohle ba o bonang.
Le lona Tire le Sidone, le na le taba efe le nna, le wena naha yohle ya Bafilesta? Na le re, le ya iphetetsa ho nna, kapa le tla nketsa ho hong na? Ha le re, le ya iphetetsa, kapelepele ke tla busetsa phetetso ya lona hodima dihlooho tsa lona,