Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Timothea 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ho di isa ditshomong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

4 Ba tla ithiba ditsebe hore ba se ke ba mamela nnete, ba mamele ditshomo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

4 Mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ba kgelohele ditshomong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ba kgelohele ditshomong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Timothea 4:4
13 Iomraidhean Croise  

Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Empa ba hanne ho mamela, ba satalatsa mahetla a bona; ba etsa ditsebe tsa bona boima, hore ba se ke ba mamela;


Hobane pelo ya setjhaba sena e nonne; ditsebe tsa bona di utlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwa ka ditsebe, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.


Yaba ba phahamisa mantswe, ba howa, ba ithiba ditsebe, mme ba itihela hodima hae hammoho.


Ke ka baka leo Modimo o tlang ho ba romela moya wa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba dumele bohata;


mme ba se ke ba ineela ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa masika, e leng ditaba tse hlahisang dikgang, e seng kgahiso ya ntlo ya Modimo e tiiswang ka tumelo, le jwale, ke sa o laela jwalo.


Empa o hane ditshomo tsa bosawana, tse kang tse bolelwang ke basadi ba tsofetseng, mme o itlhakisetse borapeding.


Oho Timothea, boloka hle se beilweng kalosong ya hao, o tshabe dipolelo tsa lefeela, tsa bonyefodi, le diphapang tsa tsebo e bitswang jwalo ka leshano;


O a tseba hobane bohle ba Asia ba mphuraletse; hara bona ho na le Figele le Hermogene.


mme ba se ke ba ineela ditshomo tsa Bajuda, le ditaelo tsa batho ba furallang nnete.


Mohau o be le lona bohle. Amen!


Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan