Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Timothea 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

4 Ha ho ya hlabanang ya ka itshitisang ka ditaba tsa bophelo bona, haeba a rata ho kgahlisa molaodi ya mo thotseng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

4 Ha ho ya ntweng ya ikenyang litabeng tsa bophelo bona; hore a tle a kgahlise ya mo kgethileng ho ba mohlabani.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ha ho ya ntweng ya ikenyang litabeng tsa bophelo bona; hore a tle a kgahlise ya mo kgethileng ho ba mohlabani.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Timothea 2:4
11 Iomraidhean Croise  

Tse wetseng meutlweng, ke ba utlwileng lentswe; empa ha ba ntse ba eya, ba pupetswa ke dipelaelo tsa lefatshe, le lerato la lefumo, le menyaka ya bophelo bona, mme ba se ke ba beha dijo.


Ke ka baka leo re tiisang matla ho mo kgahlisa, leha re sa le tlung ena, leha re ka falla ho yona.


Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la bofjwa jokong ya bohlanka.


Empa jwalokaha Modimo o re bone re le ba tshwanelwang ke ho abelwa tshebetso ya Evangeli, re bua jwalo, e seng hore re kgahlise batho, e le hore re mpe re kgahlise Modimo o lekolang dipelo tsa rona.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.


Hobane ha ba ne ba se ba balehetse ditshila tsa lefatshe, ke ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona, mme ba boetse ba itshwasitse ho tsona, mme ba hlotswe ke tsona, taba tsa bona tsa qetello di mpe ho fetisa tsa pele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan