Davida a re tsatsing leo: Ya tla qhala Bajebuse, a be a fihle forong ya metsi ho dihole le difofu tse hloilweng ke pelo ya Davida, o tla hlohonolofala. Ke ka baka leo ho thweng: Difofu le dihole ke tseo, a ke ke a kena hae ha tsona.
Davida a aha qhobosheaneng, mme a e rea lebitso la motse wa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ya fihla hare.
Morena Davida a tsebiswa, ha thwe: Jehova o hlohonolofaditse ntlo ya Obed-Edomo le tsohle tsa hae, ka baka la areka ya Modimo. Yaba Davida o ya lata areka ya Modimo ha Obed-Edomo, a e tlisa motseng wa Davida a thabile.
Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.
Salomone a etsa setswalle le Faro, morena wa Egepeta; a nyala moradi wa Faro, a mo tlisa motseng wa Davida, ho fihlela a phetha ho haha ntlo ya hae, le ntlo ya Jehova, le lerako le teelang Jerusalema hare.
Yaba morena Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova motseng wa Davida, Sione.
Yaba Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba matlo a bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova, motseng wa Davida, Sione.
Monyako wa Sediba wona wa lokiswa ke Shallume, mora Kole-Hose, monga setereke sa Mitspe; a o haha, a o rulela, a kenya le mamati a wona le dinotlolo le mekwallo; hape, a etsa lerako la letsha la Silowe, pela tshimo ya morena, ho ya fihla methating e theohang motseng wa Davida.
Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?
Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.
jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Bonang, ke bea Sione lejwe le kgothometsang, le lefika le kgopang; hape ho thwe: Mang le mang ya dumelang ho yena, a ke ke a swaba.
Jwale, ka tadima, mme ka bona Konyana e eme thabeng ya Sione, e ena le ba ngodilweng lebitso la Ntata yona diphatleng tsa bona, ba le dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene.