Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 3:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 O a mo tseba Abnere, mora Nere; o tlile ho o thetsa feela, le ho tseba ho tswa ha hao le ho kena ha hao, le ho tseba tsohle tse etswang ke wena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

25 Na ha o tsebe hore Abinere, mora wa Nere, o ne a tlile ho tla o thetsa, le ho o bona mafolomabe, le ho tseba tsohle tseo o di etsang?”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 3:25
16 Iomraidhean Croise  

A re ho bona: Tjhe bo, le mpa le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.


Romang e mong wa lona, a ye ho lata moena lona; haele lona, le tla sala le tlamilwe, hore ho tle ho bonahale hore na nnete e teng mantsweng a lona. Ha ho se jwalo, ka bophelo ba Faro, etlaba le dihlwela.


Yaba Josefa o hopola ditoro tseo a neng a di lorile hodima bona, a re ho bona: Le dihlwela, le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.


baholo ba bana ba Ammone ba re ho Hanune, morena wa bona: Ha Davida a rometse batshedisi ho wena, hleka o re, ke ka ho hlonepha ntatao na? Ha Davida a rometse bahlanka ba hae ho wena, hleka hase ho tla qamakisisa le ho hlwela motse, hore a o timetse na?


Ebile Joabe o tla ho morena, a re: O entseng? Bona hle, Abnere ha a tlile ho wena, o mo file tsela jwang, ha a bile a itsamaetse ka kgotso na?


Yaba Joabe o tloha ho Davida, a romela manqosa ho lata Abnere; a ya mo kgutlisa sedibeng sa Sira, Davida a sa tsebe.


Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.


ke be ke tle, ke le nkele fatsheng le kang fatshe la lona, fatshe la koro le la veine, fatshe la bohobe le la masimo a merara, fatshe la ole ya mehlwaare le la dinotshi, le tle le phele, le se ke la shwa. Le se ke la nna la utlwa Esekiase, ha a le eletsa, a re: Jehova o tla re namolela.


Leha o ka tloha, leha o ka kgutla, Jehova o tla o baballa, jwale le ho isa ho sa feleng.


Empa ke tseba ho dula ha hao, le ho tswa ha hao, le ho kena ha hao, le kamoo o nthorelang kateng.


ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.


Mme phapang e ne e le kgolo hodima hae hara setjhaba. Ba bang ba ne ba re: O molemo; ba bang ba re: Tjhe; empa o thetsa batho.


Yaba bafarisi ba ba araba, ba re: Hleka le lona le thetsitswe na?


Ha ho le jwalo, wena motho, leha o ka ba mang le mang, o ahlolang ba bang, ha o na moitatolo; hobane, ha o ntse o ahlola ba bang, o itswa e le wena; hobane wena ya ahlolang, o etsa tsona ditaba tseo.


O tla hlohonolofatswa ho keneng ha hao, o hlohonolofatswe le ho tsweng ha hao.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan