Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 24:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

25 Davida a hahela Morena aletare hona moo, a nyehela ka dinyehelo tsa setjheso le tsa teboho. Yaba Morena o hauhela setjhaba, mme sewa sa kgaotsa naheng ya Iseraele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 24:25
16 Iomraidhean Croise  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


Jwale ba fihla nqalong eo Modimo o mmoleletseng yona. Abrahama a haha aletare teng, a lokisa patsi; a tlama Isaaka, mora hae, a mmea aletareng hodima patsi.


Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.


Masapo a Saule le a Jonathane mora hae, a epelwa fatsheng la Benjamine, Tsela, lebitleng la Kishe ntatae. Ha etswa kahohle kamoo ho laetsweng kateng, ke morena. Kamora tseo Modimo wa hauhela lefatshe.


Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.


Morena Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo, mme leha a ne a apeswa ka dikobo, o ne a sa futhumale.


Ke tla kgutsisa kgalefo ya ka jwalo, eo ke o halefetseng ka yona, mme poulelo ya ka e tla o tlohela; ke tla kgutsa, ke se ke ka hlola ke halefa.


E mong le e mong ya atamelang tabernakele ya Jehova o a timela. Na ke ho re, re tshwanetse ho timela kaofela na?


Ka hosasane, setjhaba sa tsoha e sa le ka meso; ba haha aletare teng, ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho.


Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.


Jwale, Saule a re: Ntlisetseng setjheso le mahlabelo a teboho. Ebile o etsetsa Jehova setjheso.


Saule a hahela Jehova aletare; ke yona aletare ya ho qala eo a e hahetseng Jehova.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


Yaba Samuele o nka konyana e anyang, a e hlabela Jehova ka mokgwa wa setjheso se tjheswang kaofela. Samuele a ntoo howeletsa ho Jehova bakeng sa Iseraele, mme Jehova a mo utlwa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan