Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 24:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Arauna a re: Morena, monga ka, o tletseng ho mohlanka wa hae? Davida a re: Ke tlile ho reka seotlo ho wena, ke tle ke hahele Jehova aletare teng, hore lefu le tlohe setjhabeng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

21 Arauna a re: “Ke ka lebaka lang ha monga ka, kgosi ya ka, a etetse mohlanka wa hae?” Davida a re: “Ke tlilo reka seotlo sena ho wena, e le hore ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, sewa se tle se kgaotse setjhabeng.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 24:21
11 Iomraidhean Croise  

Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.


Tsatsing lona leo, Gade a tla ho Davida, a re ho yena: Eya, o hahele Jehova aletare seotlong sa Arauna Mojebuse.


Eitse Arauna ha a tadima, a bona morena le bahlanka ba hae ba etla ho yena. Yaba Arauna o tloha, a ya, a inamela fatshe ka sefahleho pela morena.


Joabe a re ho morena: Jehova, Modimo wa hao, a ke a atise setjhaba, se ke se fete boholo ba sona ba jwale halekgolo, mahlo a morena, monga ka, a be a bone; empa morena, monga ka, o lakaletsang ntho eo?


Yaba Davida o re ho Ornane: Nnee baka sa seotlo sena, hore ke tle ke hahele Jehova aletare teng; nnee sona bakeng sa theko ya sona e phethehileng, hore lefu lena le tloswe hara setjhaba.


Ke ha Finease a hlaha, a pheteletsa Modimo, mme lefu leo la kgutsa;


a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan