Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 23:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Tseo tsa etswa ke Benaia, mora Jehojada; a iketsetsa lebitso hara bahale bao ba bararo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

22 Tsena ke tsona diketso tsa Benaya, mora wa Jehoyada, tse ileng tsa mo tumisa hara ba mashome a mararo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 23:22
5 Iomraidhean Croise  

Ha ho le jwalo, banna ba Joabe ba ya le yena, hammoho le Bakerethe le Bapelethe, le bahale bohle, ba tloha Jerusalema ho phallela Sheba, mora Bikri.


E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora mohale e mong wa Kabtseele; a ba moholo ka diketso tsa hae. A bolaya tau tse pedi tse matla tsa Moabe; a boela a theoha, a bolaya tau e nngwe lemeneng, mohla lehlwa le kgethehang.


A bolaya le monna wa Moegepeta, ya sebopeho se tshabehang; leha Moegepeta a ne a tshwere lerumo letsohong la hae, yena Benaia a theohela ho yena ka molamu, a rutla lerumo letsohong la Moegepeta, a ba a mmolaya ka lona lerumo leo la hae.


Ho ba mashome a mararo, ya eba yena ya roriswang, a mpa a se ke a fihla ho ba bararo ba pele. Davida a mmea monna wa lekgotla la hae.


Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bana ba Davida bona e ne e le matona a morena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan