27 ya hlwekileng o mo etsa ka ho hlweka ha hae; ya kgopo o mo etsa ka bokgopo ba hae.
27 Ho ya hlwekileng, o hlwekile, empa ho molotsana o masene.
Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!
ya hlwekileng o mo etsa ka ho hlweka ha hae, ya kgopo o mo etsa ka bokgopo ba hae.
Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.
Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?
Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng; hobane ba tla bona Modimo.
Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.
Mme e mong le e mong ya nang le tshepo eo ho wona, o a itlhwekisa, jwalokaha le wona o hlwekile.