Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 21:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Masapo a Saule le a Jonathane mora hae, a epelwa fatsheng la Benjamine, Tsela, lebitleng la Kishe ntatae. Ha etswa kahohle kamoo ho laetsweng kateng, ke morena. Kamora tseo Modimo wa hauhela lefatshe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 Ba epela masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule, naheng ya morabe wa Benjamine, e Sela, ka lebitleng la ntatae Kishe. Ba etsa tsohle tseo kgosi e laetseng hore di etswe, mme kamora moo, naha ya rapellwa ho Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 21:14
16 Iomraidhean Croise  

A lata teng masapo a Saule le masapo a Jonathane mora hae; le masapo a ba tswa fanyehwa, le wona a bokellwa.


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.


Ba epela Abnere Hebrone. Teng morena a lla, a bokolla a eme lebitleng la Abnere, le setjhaba sohle sa lla.


Yaba Davida o laela bahlankana, ba tla, ba ba bolaya, ba ba poma matsoho le maoto, ba ntoo ba fanyeha pela letsha le Hebrone; haele hlooho ya Ishe-Boshethe, ba e nka, ba e epela lebitleng la Abnere, Hebrone.


Yaba ba nka Jonase, ba mo lahlela lewatleng, mme lewatle la lesa ho halefa.


Lengeloi la mpitsa, la re ho nna: Bona, tse tswelang lefatsheng la Leboya di isitse bohale ba ka ka lefatsheng la Leboya.


E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.


a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.


Tsela, Elefe le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeathe, le Kiryathe: ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ke leo lefa la Babenjamine ka matlo a bona.


Ba etsa sefika se seholo sa majwe hodima hae; se sa le teng le kajeno. Yaba Jehova o bohla bohaleng ba ho halefa ha hae. Ka baka lena, bitso la teng la bitswa sekgutlo sa Akore (pherekanyo) ho fihlela kajeno.


Ha re kgaohana le wena kajeno, o tla kgahlana le banna ba babedi lebitleng la Ragele, moeding wa Benjamine, Tseltsa; ba tla re ho wena: Di bonwe diesele tseo o ileng ho di batla; bona, ntatao o lebetse taba tsa diesele, o se a belaela bakeng sa lona, o re: Haele mora ka, ke tla etsa jwang bakeng sa hae?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan