Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 19:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Davida a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja, hore le ipee ba nkganyetsang kajeno lena na? Ana kajeno ho ka bolawa motho Iseraeleng na? Ha ke re, ke tsebile kajeno hobane ke nna morena wa Iseraele na?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

22 Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 19:22
11 Iomraidhean Croise  

Morena a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja? A nne a rohakane bo! Ha Jehova a mmoleletse hore a rohake Davida, ke mang ya ka reng ho yena: O etsetsang jwalo?


Davida ha a fihla Bahurime, a bona ho etswa teng monna wa lesika la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora Gera; a tla a ntse a rohakana.


Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.


Ke fokotse kajeno, leha ke le morena ya tlotsitsweng; haele banna bao, bara ba Tseruja, ba ntlhola; empa Jehova o tla putsa ya etsang bobe ka bobe ba hae.


Hobane ho hlomilwe terone ya mohau moo moahlodi wa nnete a dulang teng, tlung ya Davida, ya tjhesehelang tokiso, ya akofisang ho loka.


Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?


Saule a re: Ho ke ke ha bolawa motho tsatsing lena, hobane Jehova o lwetse Iseraele haholo kajeno.


Jehova a nthibele hore ke se ke ka isa letsoho ho motlotsuwa wa Jehova. Feela, nka lerumo le pela mosamo wa hae le nkgwana ya metsi, re tsamaye.


Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.


Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan