Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 18:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Molebedi a eketsa a re: Ke batla ke re, ho matha ha wa pele ho tshwana le ho matha ha Akimaatse, mora Tsadoke. Morena a re: Ke motho ya molemo, o tlisa taba tse molemo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

27 Sebohodi sa re: “Ke bona monna ya kapele a matha jwaloka Ahimase, mora wa Sadoke.” Yaba kgosi e re: “Ke monna ya lokileng, mme o tlisa ditaba tse monate.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 18:27
7 Iomraidhean Croise  

Molebedi a bona monna e mong wa bobedi ya mathang; molebedi a ba a memetsa molebedi wa monyako, a re: Ho hlahile monna e mong hape ya mathang a nnotshi. Morena a re: Le yena o tlisa ditaba.


A re a sa bua, a bona Jonathane, mora moprista Abiathare, a etla. Adonija a mmolella, a re: Kena hobane o monna ya matla, o tlisa ditaba tse monate.


A boela a roma mokalli e mong, a tla ho bona, a re: Ho itswe ke morena: Na ke kgotso na? Jehu a re: O na le taba efe le kgotso? Fetela kamorao ho nna.


Lenqosa le tshepehang ho ba le romileng, le jwaloka lehlwa le tsedidi mohla kotulo, le phodisa pelo ya morena wa lona jwalo.


Taba tse monate tse tswang naheng e hole, di jwaloka metsi a phodileng ho motho ya nyorilweng.


A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ya taba tse molemo!


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan