Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 15:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ya le Absalome makgolo a mabedi a ba memilweng ba Jerusalema, ba ya ba sa etse mano, ba sa tsebe letho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

11 Banna ba makgolo a mabedi ba tswang Jerusalema, ba neng ba memilwe, ba ikela tjee ba sa tsebe letho, ba tsamaya le Abosalome.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 15:11
8 Iomraidhean Croise  

A monna eo ha a ka a re ho nna: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Mme le yena, yena ka sebele, na ha a ka a re: Ke kgaitsedi ya ka? Ke entse hoo ka pelo e lokileng le ka matsoho a hlwekileng.


Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.


Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Hleka ke qadile mohlang oo ho mmotsetsa Modimo na? Le hanyane! Morena a se ke a jarisa mohlanka wa hae, leha e le bohle ba ntlo ya ntate, taba e kalo; etswe mohlanka wa hao a ne a sa tsebe taba e nyenyane, leha e le e kgolo, ho tseo tsohle.


Etlare le sa kena motseng, le tla mo fihlela a eso ho nyolohele nqalong e phahameng ho ya ja teng; hobane le setjhaba se ke ke sa eja, a eso ho fihle, etswe e le yena ya tla hlohonolofatsa sehlabelo, ho ntoo jewa ke ba memilweng. Nyolohang jwale, hobane le tla mo fihlela ka nako ena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan