Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 14:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Absalome a re ho Joabe: Bona, nkile ka romela ho wena, ka re: Tloo kwano, ke tle ke o romele ho morena, ka ho re: Ke tlohetseng Geshure? Ho ka be ho le molemo, hojane ke sa le hona teng. Jwale, a nke ke bone sefahleho sa morena; leha ke ena le molato, a mpe a mpolaye.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

32 Abosalome a re ho Joabe: “Bona mona, ke ile ka o bitsa, ka re o tle kwano, ke tlo o roma ho kgosi, o yo re ho yona: ‘Ke hobaneng ke latilweng Geshure? Ho ka be ho le molemo hoja ke ntse ke le moo.’ Jwale a nke ke bone kgosi; haeba ke ena le molato, e mpolaye!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 14:32
15 Iomraidhean Croise  

Adama a re: Mosadi eo o nneileng yena hore a dule le nna, ke yena ya mphileng tsa sefate, ka di ja.


Haele Absalome a baleha, a ya ha Talmai, mora Amihure, morena wa Geshure. Mme Davida a nna a llela mora hae ka ditshiu tsohle.


Ebile Joabe o tloha, a tla ho Absalome, tlung ya hae, a re ho yena: Bahlanka ba hao ba tjheseditseng tshimo ya ka?


wa bobedi ke Kileabe ka Abigaile, mosadi wa Nabale wa Karmele; wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure;


hobane ka mokgwa wa ho bona ha hae, o iqeka e le yena hore ho ke ke ha fihlelwa bokgopo ba hae e leng ho hloya.


Na hase yona taba eo re o boleletseng yona Egepeta, ra re: Re tlohele, re sebeletse Baegepeta? Ho ne ho le molemo ho rona ho nna re sebeletsa Baegepeta, ho fetisa ho tla shwa lefeelleng.


Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala.


Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Ke moo le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re kileng ra o bona o lapile, leha o nyorilwe, leha o le moeti, leha o hlobotse, leha o baba, leha o le teronkong, mme re sa ka ra o thusa?


Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.


Samuele ha a fihla ho Saule, Saule a re ho yena: Hlohonolofatswa ke Jehova! Ke phethile taelo ya Jehova.


O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan