Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 14:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ho ne ho se motho hohle Iseraeleng, ya tumileng ka botle ba hae, jwaloka Absalome; ho tloha bohatong ba maoto, ho isa hara hlooho, ho ne ho se kodi ho yena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

25 Naheng yohle ya Iseraele ho ne ho se monna e motle, ya babatsehang jwaloka Abosalome. O ne a hloka sepha ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla hloohong.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 14:25
11 Iomraidhean Croise  

Empa ntatae o ne a sa ka a mo kgalemela le ka mohla o le mong, ka ho re: O etsetsang jwalo? Hape o ne a le motle haholo; ho tswalweng, o ne a hlahlama Absalome.


Yaba Satane o tloha pela Jehova, mme a otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa hara hlooho.


Kgahleho e a thetsa; botle ke bosawana! Mosadi ya tshabang Jehova ke yena ya tla roriswa.


Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hara hlooho, ha ho moo ho pholohileng; ke maqeba feela, matetetso le diso tse phephethang boladu, tse esong ho phunngwe le ho tlamellwa, mme ha di eso ho thojwe ka ole.


ba ikgahlotse matheka ka dinyepa, ba rwetse meqhaka e lepeletseng dihloohong, bao e kang bahlabani kaofela ha bona; e ne e le ditshwantsho tsa bara ba Babilona, naheng ya Kalde, moo ba hlahileng teng;


e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle.


a tle a ikemisetse yona pela hae, e le kereke e kganyang, e se nang letheba le letsika, leha e le letho le jwaloka tseo; e mpe e be e halalelang, e se nang sekodi.


Jehova o tla o otla mangoleng le diropeng tsa hao ka diphatshwa tse bohlokohloko tse ke keng tsa fola, ho qala bohatong ba leoto ho isa hara hlooho.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


O ne a na le mora ya bitswang Saule, e le mohlankana e motle, ho se monna hara bana ba Iseraele ya mo fetang ka botle; o ne a feta le bohle ba setjhaba ka bolelele, a tswile ka mahetla.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan