Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 13:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 A re a sa qetella puo, ha fihla bara ba morena, ba lla, ba bokolla; le yena morena a lla, le bahlanka bohle ba hae ba lla haholoholo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

36 Hoba a qete ho bua, bara ba kgosi ba fihla, mme ba bokolla haholo. Kgosi le yona, le bahlanka bohle ba yona, ba bokolla haholo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 13:36
5 Iomraidhean Croise  

Jwale bahlanka ba hae ba re ho yena: Taba ena o e etsang e isa kae na? Eitse ngwana ha a sa phela, wa itima dijo, wa lla; athe jwale ngwana ha a timetse, o tsohile, o bile o a ja?


Jwale, Amnone a mo hloya ka hloyo e fetisisang, a mo hloya ka hloyo e kgolo ho lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amnone o re ho yena: Tloha, o ikele.


Yaba Jonadabe o re ho morena: Bara ba morena ke bao ba fihlang, ho fela ho le jwalokaha ho boletse mohlanka wa hao.


Haele Absalome a baleha, a ya ha Talmai, mora Amihure, morena wa Geshure. Mme Davida a nna a llela mora hae ka ditshiu tsohle.


Ebile morena o hlokofala haholo, a hlwella phaposing e hodima monyako, a lla, a nna a tsamaya teng, a ntse a re: Mora ka Absalome! mora ka! mora ka Absalome! Hojane ho shwele nna bakeng sa hao, Absalome! mora ka! mora ka!


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan