Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Samuele 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A eketsa a re ho nna: O mang na? Ka re ho yena: Ke Moamaleke.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

8 “A re ho nna: ‘O mang?’ “Yaba ke re ho yena: ‘Ke Moamaleke.’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Samuele 1:8
12 Iomraidhean Croise  

Ba ba ba kgutla, ba tla Ene-Mishpathe, ke ho re, Kadeshe, ba qhala Baamaleke le Baamore ba ahileng Hatsatsone-Thamare, naheng yohle ya bona.


Davida a ntoo re ho mohlankana ya mmehetseng: O tswa kae? Yena a re: Ke mora moditjhaba, wa Moamaleke.


Eitse ha a tadima kamorao, a mpona, a mpitsa, mme ka re: Ke nna enwa.


A re ho nna: Tloo pela ka, o mpolaye: ke se ke tsekela; leha empa bophelo ba ka bohle bo sa le teng ho nna.


Balaame a bona Amaleke, a porofeta, a re: Amaleke ke sehlooho sa ditjhaba, empa ka tsatsi le leng o tla fediswa.


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


Ha a le teng, Davida le banna ba hae ba futuhela Bageshure, le Bagirese, le Baamaleke, e leng beng ba naha eo, ho isa Shure, le naheng ya Egepeta.


Davida le banna ba hae, ha ba fihla Tsiklage ka la boraro, ba fihlela Baamaleke ba futuhetse nqa borwa ho Tsiklage, ba bile ba kene Tsiklage, ba o tjhesitse.


Davida a re ho yena: O motho wa mang? O tswa kae na? A re: Ke mohlankana wa Moegepeta, ke mohlanka wa motho wa Amaleke; monga ka o ntshiile, ke hobane ke ne ke kula e se e le tshiu tse tharo.


Davida a ba qhala, e le ha bosiu bo esa, ho isa mantsiboya a la hosasane, mme ha ho a ka ha pholoha ho bona motho le a mong, haese makgolo a mane a bahlankana ba palamileng dikamele; bona ba baleha.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan