Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Marena 7:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha bo ho le banna ba balepera ba le bane pela kgoro ya motse; ba bolellana, ba re: Na re tla dula moo, re be re shwe na?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Ho ne ho ena le banna ba bane, ba tshwerweng ke lepera, ba dutse kgorong ya motse. Banna bao ba buisana, ba re: “Na re tla dula moo ho fihlela re eshwa?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Marena 7:3
9 Iomraidhean Croise  

Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.


Ha re ka re, re tla kena motseng, tlala e kgolo e teng motseng, mme re tla shwela teng; leha re ka itulela mona, le teng re tla shwa; a re ke re yeng, re itahleleng diahelong tsa Basiria; ha ba re tlohela re phela, re tla phela; leha ba ka re bolaya, re tla shwa.


Morena o ne a buisana le Gehasi, mohlanka wa monna wa Modimo, a re ho yena: Ako mphetele tsohle tse kgolo tse entsweng ke Elisha.


Le ratelang ho shwa ke lerumo le ke tlala le ke lefu la sewa, wena le setjhaba sa hao, kamoo ho boletseng Jehova kateng, bakeng sa setjhaba se sa tlo sebeletsa morena wa Babilona?


Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.


Leru la tloha tenteng; mme hanghang, Miriame ya eba molepera, a ba mosuwana jwaloka lehlwa; Aarone ha a retelehela ho Miriame, a mmona hoba ke molepera.


Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan