Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Marena 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Morena wa Siria o ne a lwana le Baiseraele. A etsa morero le bahlanka ba hae, a re: Makgotla a ka a tla ya emisa bakeng se itseng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

8 Ha kgosi ya Arame e ntse e lwantshana le Baiseraele, yaba e eletsana le bahlanka ba yona, e re: “Ke tla hloma diahelo tsa ka sebakeng se itseng.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Marena 6:8
13 Iomraidhean Croise  

Ben-Hadade, morena wa Siria, a bokella makgotla wohle a hae, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi, le dipere, le makoloi; a nyoloha, a futuhela Samaria, a o thibella.


Empa bahlanka ba morena wa Siria ba re ho yena: Medimo ya bona ke medimo ya dithaba, ba re hlotse ke hona; ha re ka ba lwantsha lehwatateng, ruri re ka ba hlola.


Ben-Hadade a re: Metse eo ntate a e amohileng ntatao ke tla e busa; o tla iketsetsa diterata Damaseka, jwalokaha ntate a ne a iketseditse Samaria. Akabe a re: Ke tla o tlohela o ikele ka baka la selekane sena. Yaba o tlabola selekane le yena, a mo tlohela a ikela.


Ha feta dilemo tse tharo, ho se ntwa mahareng a Basiria le Baiseraele.


Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi a hae ba mashome a mararo a metso e mmedi, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, leha e le e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.


Kamora tseo, Ben-Hadade, Morena wa Syria, a phutha makgotla wohle a hae, a futuha, a ya thibella Samaria.


Yaba o re: Se inole. A otlolla letsoho, a se inola.


Monna wa Modimo a romela ho morena wa Iseraele, a re: Bona hore o se ke wa feta bakeng se itseng; hobane Basiria ba ya theohela teng.


Merero e tiiswa ke keletsano; ka baka leo, o rere ntwa ka ho nahanisisa.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan