Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Marena 11:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka mokgwa o jwalo, ba patwa ba babedi tlung ya Jehova ka dilemo tse tsheletseng, mme Athalia a busa naha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosheba a pata Jowashe ka Tempeleng ya Morena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Marena 11:3
7 Iomraidhean Croise  

Empa Josheba, moradi wa morena Jorame, kgaitsedi ya Akasia, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bana ba morena mohla ba bolawang, a mo pata kamoreng ya malao, e le yena le moanyesi wa hae; ba mo patela Athalia jwalo, a tle a se ke a bolawa.


Ka selemo sa bosupa, Jehojada a romela, a lata balaodi ba makgolo le matona le bahlabani, a ba biletsa ka tlung ya Jehova; a hlaba selekane le bona, a ba hlapantsha ka tlung ya Jehova, a ntoo ba bontsha mora morena.


A patwa ho bona ka dilemo tse tsheletseng, ka tlung ya Modimo. Mme Athalia a nna a busa lefatsheng.


Ha bobe bo phahamiswa hara batho, bakgopo ba itsamaela hohle.


Mosadi eo a emola, a tswala mora; eitse ha a bona hobane ke ngwana e motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo.


Mme jwale he, re re: Ho lehlohonolo baikgohomosi; hobane ba etsang bolotsana ba ahiswa; ba leka Modimo, mme ba phonyoha!


A ntoo ya tlung ya ntatae Ofra, mme a bolaya banababo, bara ba Jerubbaale, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng; ha pholoha Jothame feela, mora e monyenyane wa Jerubbaale, hobane o ne a ipatile.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan