Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Dikronike 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ha etswa phutheho e kgethehileng; ke ha ba se ba entse kgakolo ya aletare ka matsatsi a supileng le mokete ka matsatsi a mang a supileng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 Ka letsatsi la borobedi ya eba mokete o moholo wa mapomelo. Ba ne ba ile ba ketekela ho kgakola aletare ka matsatsi a supileng, mme ba boela ba keteka ka matsatsi a supileng hape.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Dikronike 7:9
10 Iomraidhean Croise  

Le banna bohle ba Iseraele ba phuthehela ho morena Salomone, ka mokete wa kgwedi ya Ethanime, e leng kgwedi ya bosupa.


Mohlang oo, Salomone a etsa mokete a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata pela Jehova, Modimo wa rona, ho tloha pela Hamathe ho tlisa molapong wa Egepeta, ka matsatsi a supileng a nang le matsatsi a mang a supileng, e le matsatsi a leshome le metso e mene.


Phutheho yohle ya rera morero wa ho etsa mokete ka ditshiu tse ding tse supileng; mme ba o etsa ka tshiu tseo tse supileng ka thabo.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Salomone a kgutlisa setjhaba, ba ikela hae ditenteng tsa bona ka thabo le ka pelo tse nyakaletseng ke molemo oo Jehova a o etseditseng Davida le Salomone le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Ha nna ha balwa bukeng ya molao wa Modimo ka tsatsi le leng le le leng, ho qala ka tsatsi la pele, ho isa ho la ho qetella. Ba etsa mokete ka tshiu tse supileng, mme ka la boroba meno e le mmedi ha etswa phutheho e kgolo haholo, kamoo taelo e neng e le kateng.


Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.


Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.


Ka matsatsi a supileng le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjhesitsweng ka mollo. Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, le tla ba le phutheho e halalelang; le tla hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo; e tla ba phutheho e phahameng; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.


Ka tsatsi leo aletare e neng e kgakolwe ka lona, mohla e tlotswang, marena a tlisa dikabelo tsa wona, marena a hlahisa dikabelo tsa wona pela aletare.


Ka matsatsi a tsheletseng, o je bohobe bo sa lomoswang; haele letsatsi la bosupa ke la phutheho e kgolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi leha o le mong ka lona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan