Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Dikronike 18:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong eo re ka botsang Jehova ka yena; empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe; ke Mikea, mora Jimla. Josafate a re: Morena a se ke a rialo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

7 Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re ho yena: “Ho sa na le monna e mong hape eo re ka reng a re botsetse ho Morena, empa nna ke mo hloile, hobane ha a ke be a mporofetele tse molemo, o mporofetela tse mpe. Ke Mmikiya, mora wa Jimela.” Jehoshafate a re ho kgosi: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Dikronike 18:7
30 Iomraidhean Croise  

Wena ya bitswang ntlo ya Jakobo, na pelo ya Jehova e kgutshwanyane? Na ke wona mokgwa wa hae? Dipolelo tsa ka na ha di hlahise molemo ho ya tsamayang ka ho loka?


Bao ba hloya ya eletsang kgotla, ba ile ya bolelang tse lokileng.


Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?


Hleka ke fetohile sera ho lona, ka ho le bolella nnete na?


Hojane ke se ke ka etsa hara bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ya e entseng, ba ka be ba se na sebe; jwale ba bone, mme ba hloile nna le Ntate.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.


A phakisa a roma mohlabani, a mo laela ho tlisa hlooho ya Johanne. Yaba mohlabani o ya, a mo kgaola hlooho teronkong;


Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Ba lapetseng madi ba hloya motho ya phethehileng; empa ba lokileng ba sireletsa ho phela ha hae.


Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.


O se ke wa laya mosomi, esere mohlomong a o hloya; o laye mohlalefi, yena o tla o rata.


O nnyolle diretseng, mme o se ke wa ntesa ka tetebella teng, ke be ke bolokwe ho ba ntlhoyang le bodibeng ba metsi,


ha ke utlwa lentswe la sera, ke le katlasa botubo ba molotsana; hobane ba ntshela ka bobe, ba ntlhorisa ka bohale.


Bomadimabe bo tla bolaya ya bolotsana, mme bao e leng dira ho ya lokileng ba tla tsuwa.


Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Modimo wa ka o tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.


Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.


A re: Ke bouleletse Jehova, Modimo wa makgotla, haholo; hobane bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka lerumo; ke bile ke setse ke nnotshi; mme le nna ba mpatla, ba tle ba mpolaye.


Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


Josafate a re: Ana ha ho sa le mporofeta wa Jehova mona, eo re ka mmotsang na?


Ebile morena wa Iseraele o bitsa tona, a re: Phakisa o mpitsetse Mikea, mora Jimla.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan