Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Dikronike 18:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bona jwale, Jehova o kentse moya wa leshano melomong ya baporofeta bao bohle ba hao, athe Jehova o boletse kotsi hodima hao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

22 “Ka baka leo he, ako bone kamoo Morena a entseng hore baporofeta bana ba hao bohle ba bue leshano! Empa Morena yena o se a boletse koduwa e tla o wela hodimo.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Dikronike 18:22
18 Iomraidhean Croise  

Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Jehova o tshetse Egepeta ka moya wa modikwadikwane, hore ba tle ba kgelose Baegepeta diketsong tsa bona kaofela, jwaloka letahwa ha le diadielwa mahlatseng a lona.


Ho wona ho dutse matla le bohlale; ya kgelohileng le ya kgelosang ba matleng a wona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe.


Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Joase, morena wa Iseraele, a romela ho Amatsia, morena wa Juda, a re: Tshehlo ya Lebanone e ne e rometse ho kedare ya Lebanone, ya re: Neela mora ka moradi wa hao, e be mosadi wa hae. Empa ha feta dibatana tsa naha tsa Lebanone, tsa hatakela tshehlo.


Yaba morena wa Iseraele o re ho Josafate: Ana ha ke a ka ka o bolella ka re, a ke ke a mporofetela molemo, e tla ba bobe feela?


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong eo re ka botsang Jehova ka yena; empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe; ke Mikea, mora Jimla. Josafate a re: Morena a se ke a rialo.


Jehova a re ho Moshe: Ha o ntse o tsamaya, o boela Egepeta, o lemohe mehlolo yohle eo ke e beileng letsohong la hao, o tle o e etse pela Faro, empa nna ke tla thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a lokolla setjhaba, hore se tsamaye.


Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya, ke iketse moya wa leshano melomong ya baporofeta ba hae kaofela. A re ho wona: O tla mo thetsa, o be o hlole. Eya, o etse jwalo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan