Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Dikronike 17:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 a isa makgotla metseng yohle ya Juda ya diqhobosheane, mme a bea bahlabani naheng ya Juda le metseng ya Efraime e neng e hapilwe ke Asa ntatae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

2 A bea mabotho a hae metseng yohle e haheleditsweng e naheng ya Juda. A hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Juda le metseng ya naha ya ba morabe wa Efraime, eo Asa, ntatae, a neng a ile a e hapa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Dikronike 17:2
6 Iomraidhean Croise  

Roboame a nna a dula Jerusalema; a haha metse ya diqhobosheane Juda.


Abija a phallela Jeroboame, mme a mo amoha metse e meng, e le Bethele le metsana ya teng, le Jeshana le metsana ya teng, le Efrone le metsana ya teng.


Eitse ha Asa a utlwa mantswe ao le boporofeta ba Odede moporofeta, a ipha matla, a fedisa manyala lefatsheng lohle la Juda le la Benjamine, le metseng eo a neng a e nkile thabeng ya Efraime, mme a tsosa aletare ya Jehova e pela mathule a Jehova.


Ke bona ba neng ba sebeletsa morena, kantle ho ba beilweng ke morena metseng ya diqhobosheane naheng yohle ya Juda.


Jehova a ba ho Josafate, kahobane a nnile a tsamaya ka mehlala ya pele ya ntatae Davida, a sa ka a batla boBaale;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan