Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




2 Bakorinthe 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 Jwale eo le mo tshwarelang, le nna ke a mo tshwarela. Haeba ho na le seo ke se tshwaretseng, ke ka baka la lona, mahlong a Kreste, ke tshwaretseng ya se entseng;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

10 Eo le mo tshwarelang letho, le nna ke a mo tshwarela;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Eo le mo tshwarelang letho, le nna ke a mo tshwarela;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




2 Bakorinthe 2:10
7 Iomraidhean Croise  

Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong; le tsohle tseo le di lokollang lefatsheng, di tla lokollwa lehodimong.


Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona.


Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile, lona le moya wa ka, ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste,


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo!


ka ho hlweka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso,


Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan