Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 9:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 [Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

9 Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 9:9
16 Iomraidhean Croise  

Mafahla a ne a thala maleng a hae; yaba o re: Ha ho le jwalo, taba eo e ntlhahellang? Yaba o ya botsa Jehova.


Davida, ha a tsoha hosasa, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Gade, seboni sa Davida,


Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.


Yaba Jehova a bolella Gade, seboni sa Davida, a re:


hammoho le tsohle tse neng di kgethetswe Jehova ke Samuele seboni, le Saule, mora Kishe, le Abnere, mora Nere, le Joabe, mora Tseruja, le mang le mang, tsohle tseo tse neng di kgethetswe Jehova, tsa bewa bolebeding ba Shelomithe le banababo.


Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,


Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.


Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.


Mohlang oo, Hanani seboni a tla ho Asa, morena wa Juda, a re ho yena: Erekaha u itshetlehile ka morena wa Siria, mme o sa ka wa itshetleha ka Jehova, Modimo wa hao, ka baka leo, makgotla a morena wa Siria a o phonyohetse.


Hobane Jehova o le tshetse ka moya wa boroko, o kwetse mahlo a lona, ke ho re baporofeta, o apesitse dihlooho tsa lona ka lefifi, ke ho re diboni tsa lona.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Mme Amatsia a re ho Amose: Radipono, tloha, o balehele lefatsheng la Juda; o jele bohobe teng, o porofete teng.


Hoja mmele wohle e ka ba leihlo, kutlo e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kae? Ha mmele wohle e ka ba kutlo, kutlo ya nko e ka ba kae na?


Eitse hobane Joshua a timele, bana ba Iseraele ba botsa Jehova, ba re: Ke mang ho rona ya tla simolla ho futuhela Bakanana le ho ba lwantsha?


Ba re ho yena: Ako botse Modimo, re tle re tsebe ha ekaba leeto la rona le tla atleha na?


Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: O boletse taba ya sebele; tloo, re ye. Yaba ba ya motseng moo monna wa Modimo a leng teng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan