Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 9:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba ba fetola, ba re: Se teng; bona, ke sona seo, se pela hao; phakisa hle, hobane kajeno se tlile motseng, hobane kajeno ho hlabelwa setjhaba nqalong e phahameng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 Basetsana ba ba araba, ba re: “Se teng. Se ka mono kapele ho lona. Potlakang; se fihlile hona kajeno motseng ona, hobane hona kajeno setjhaba se ilo etsetswa sehlabelo aletareng e hodima leralla.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 9:12
11 Iomraidhean Croise  

Jakobo a hlaba sehlabelo thabeng, a bitsa bahabo ho tla ja bohobe; yaba ba ja bohobe, ba robala thabeng.


Hape, a bea moprista Tsadoke, le baprista ba mofuta wa habo, pela tabernakele ya Jehova, nqalong e phahameng e leng Gibeone,


Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.


Samuele a re: Nka ya jwang? Saule ha a ka utlwa, o tla mpolaya. Jehova a re: Eya le sethole, o tle o re, o tlile ho hlabela Jehova.


Ke tla ipatlela moprista wa nnete, ya tla etsa kahohle kamoo ho ratang pelo ya ka le moya wa ka kateng; ke tla mo hahela ntlo e tiileng, mme o tla nne a itsamaele pela motlotsuwa wa ka, ka ho sa feleng.


Ha ntatao a ntlhoka, e re: Davida o nkopile haholo, hore a titimele Bethlehema, motseng wa habo, hobane ke nako ya sehlabelo sa lemo se seng le se seng, se hlabelwang moloko wa habo kaofela.


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan