Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Monna wa Benjamine o ne a le teng, lebitso la hae e le Kishe, mora Abiele, mora Tserore, mora Bakorathe, mora Afia, mora wa Mobenjamine e mong; e ne e le monna ya matla, ya bohale.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Ho ne ho ena le monna wa morabe wa Benjamine, lebitso la hae e le Kishe, mora wa Abiele, mora wa Serore, mora wa Bekorate, mora wa Afiya wa morabe wa Benjamine. E ne e le morui.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 9:1
9 Iomraidhean Croise  

Barsillai e be e se e le motho e moholo, ya dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; o ne a babaletse morena ka dijo, ha a sa le Mahanaime, etswe e be e le motho ya ruileng haholo.


Monna wa Mojuda o ne a le teng Susane, motse wa moreneng, ya bitswang Mordekai, mora Jaire, mora Shimei, mora Kishe, Mobenjamine.


Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.


Mehleng eo, ba qela morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.


Yaba ba titima, ba mo ntsha teng, mme ha a eme hara setjhaba, o ne a feta bohle ba setjhaba ka bolelele, a tswile ka mahetla.


Kishe, ntata Saule, le Nere, ntata Abnere, e ne e le bara ba Abiele.


Moo Maone, ha bo ho le monna, eo mehlape ya hae e leng Karmele; e ne e le motho ya ruileng haholo, a ena le dikete tse hlano tsa dinku, le sekete se le seng sa dipodi; o ne a ile ho kuta dinku tsa hae Karmele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan