Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 6:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme marena a mahlano a Bafilesta, hobane a bone hoo, a kgutlela Ekrone ka lona tsatsi leo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

16 Ha dikgosi tsa Bafilesita di bone tsena, tsa kgutlela Ekerone ka lona letsatsi leo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 6:16
7 Iomraidhean Croise  

ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone.


Marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a re ho yena: Mo qeke, o be o tsebe hore na matla a hae a maholo a tswa kae, le kamoo re ka tsebang ho mo hlola kateng, re tle re mo tlame, re mo kokobetse; e mong le e mong wa rona re tla o nea dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo.


Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe.


Yaba ba romela areka ya Modimo Ekrone. Eitse ha areka ya Modimo e kena Ekrone, ba Ekrone ba bokolla, ba re: Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Iseraele, ba tle ba re timeste le setjhaba sohle sa heso.


Haele dikgomo, tsona tsa loka tsela ya Bethe-Shemeshe, tsa nna tsa ya ka mmila o le mong, di ntse di lla, di sa kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi, marena a Bafilesta a di setse morao, ho ya fihla moeding wa Bethe-Shemeshe.


Moo ba re: Sehlabelo sa molato e ka ba eng, seo re tla se busetsa ho wona na? Ba re: E tla ba ditshwantsho tse hlano tsa kgauta tsa diso, le ditweba tse hlano tsa kgauta, ka ho lekanya palo ya marena a Bafilesta, etswe le hlahetswe ke lefu le le leng bohle, ka wona marena a lona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan