Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba ba romela areka ya Modimo Ekrone. Eitse ha areka ya Modimo e kena Ekrone, ba Ekrone ba bokolla, ba re: Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Iseraele, ba tle ba re timeste le setjhaba sohle sa heso.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

10 Yaba ba isa areka ya Modimo motseng wa Ekerone. Ha areka ya Modimo e fihla Ekerone, baahi ba Ekerone ba howa, ba re: “Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Baiseraele ho tla re bolaya le ho tla bolaya setjhaba sa habo rona!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 5:10
13 Iomraidhean Croise  

Ka nna ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, ka o etsetsa le lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba lefatshe.


Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na?


le Sabade, mora hae, le Shutela, mora hae, le Esere, le Eleade, ba neng ba bolawe ke banna ba Gathe ba neng ba le naheng eo, mohla ba futuhelang ho hapa dikgomo.


ke tla timetsa ba ahileng Ashdode le ya tshwereng lere la borena Ashkelone. Ke tla boela ke otlolle letsoho la ka hodima Ekrone, mme Bafilesta ba setseng ba tla fela: ho itswalo ke Morena Jehova.


Tshelelang Kalne, le bone; ha le tloha teng, le fetele Hamathe e moholo, le ntoo theohela Gathe wa Bafilesta. Na mebuso eo e metle ho fetisa mebuso ena, kapa a naha ya bona e kgolo ho naha ya lona na,


ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone.


Moo, moedi o fetela pele mabapa le Ekrone, nqa leboya; moedi o ntoo leba Shikrone, o fetele pele ka thaba ya Baala, o ye ho fihla Jabneele, o ntoo fella lewatleng.


Ekrone le metse ya teng le metsana ya yona,


Juda a nka le Gasa le naha ya teng, le Ashkelone le naha ya teng, le Ekrone le naha ya teng.


Banna ba Iseraele le ba Juda ba ema, ba hlaba ditlatse, ba phallela Bafilesta, ho isa sekgutlong le kgorong tsa Ekrone; Bafilesta ba nna ba wa ba hlabilwe, ho ya le tsela ya Shaaraime, ho ya fihla Gathe le Ekrone.


Ka baka lena, ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Kgutlisang areka ya Modimo wa Iseraele, e ke e boele ha habo yona, e tle e se ke ya re bolaya le setjhaba sa heso. Hobane letsoso le leholo le ne le wetse motse wohle, le letsoho la Jehova le ne le le boima haholo teng.


Yare e sa iswa, letsoho la Jehova la hlahisa tsietsi e kgolo motseng, a otla banna ba motse ba baholo le ba banyenyane, ba tswa diso.


Areka ya Jehova e ne e se e dutse kgwedi tse supileng naheng ya Bafilesta,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan