Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 30:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Davida a ba qhala, e le ha bosiu bo esa, ho isa mantsiboya a la hosasane, mme ha ho a ka ha pholoha ho bona motho le a mong, haese makgolo a mane a bahlankana ba palamileng dikamele; bona ba baleha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

17 Davida a ba bolaya ho tloha ka shwalane, ho ya fihla phirimaneng ya letsatsi le hlahlamang. Ha se ke ha phonyoha le ya mong wa bona, haese bahlankana ba makgolo a mane, ba ileng ba lwabela dikamele, ba baleha.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 30:17
11 Iomraidhean Croise  

Eitse hobane Saule a timele, ha Davida a sa tswa bolaya Baamaleke, Davida a dula Tsiklage tshiu tse pedi.


e leng Basiria, le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Baamaleke, ka tse hapilweng tsa Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba.


Ebile ba tloha ka shwalane, ba ya diahelong tsa Basiria; ha ba fihla qalong ya diahelo tsa Basiria, ba bona ho se motho teng.


Ba qhala masala a Baamaleke a neng a phonyohile, mme ba aha teng ho fihla tsatsing la kajeno.


Ka ba silakanya jwaloka lerole le nkwang ke moya, ka ba fiela jwaloka diretse tsa tsela.


Empa Ishmaele, mora Nethania, a phonyoha ho Johanane, a ena le batho ba robileng meno e le mmedi, mme a ya ho bana ba Ammone.


Barake a phallela makoloi le makgotla ho ya fihla Haroshethe-Gojime; mme makgotla kaofela a Sisera a bolawa ka bohale ba lerumo, ho se ke ha phonyoha motho le a mong.


Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela kaofela ba ne ba phatlaletse lehwatateng ba le ka ka ditsie, le dikamele tsa bona di se na palo, di le ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.


Hosasa, Saule a hlopholla setjhaba, a etsa makgotla a mararo; ba kena hara diahelo ka nako ya tebelo ya meso, mme ba bolaya Baammone, ya ba ya eba motshehare; ba phonyohileng ba qhalanngwa, ha ba ha hlokahala ba tsamayang ka bobedi.


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan