Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 lampi ya Jehova e eso ho time, le Samuele a se a robetse tabernakeleng ya Jehova, moo areka ya Modimo e leng teng,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

3 Lebone la Modimo le ne le eso ka le tima, Samuele yena a robetse ka Tempeleng ya Morena, moo areka ya Modimo e neng e le hona teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 3:3
10 Iomraidhean Croise  

ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.


Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.


Lentswe la Jehova le tswadisa dikgama, le hlobodisa meru; ka tempeleng ya hae tsohle di re: Kganya!


Empa nna, ka mohau wa hao o moholo, ke kena ka tlung ya hao, ke kgumama ka tshabo tempeleng ya hao e kgethehileng.


O etse kandelare ya kgauta e hlwekileng: kandelare e etswe ka kgauta e teilweng; leoto la yona, le kutu ya yona, le meritshwana ya yona, le dinoko tsa yona, le dipalesa tsa yona, e be ntho e le nngwe le yona.


Peninna ka maqethe a hae o ne a mo swabisa haholo, e le hore a mmelaetse, kahobane Jehova a mmeile nyopa.


Empa mohlomong, hobane ho jewe, ho nowe Silo, Anna a tloha, moprista Eli a dutse setulong pela monyako wa tabernakele ya Jehova.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan