Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jehova a re ho Samuele: Bona, ke se ke tla etsa Iseraeleng taba eo, e mong le e mong ya e utlwang, tsebe tsa hae tse pedi di tla duma.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

11 Morena a re ho Samuele: “Bona mona, ho na le ntho eo ke tla e etsa naheng ena ya Iseraele, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 3:11
11 Iomraidhean Croise  

ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Bonang, ke ya hlahisetsa Jerusalema le Juda kotsi, eo bohle ba e utlwang, ditsebe tsa bona di tla re tsi.


Ha ho kamoo o ka tshepang kateng ho e hlola; ere o qala ho e bona, o ya fela pelo.


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.


Bonang ditjhabeng, le tadime, le be le makale, le re tsi! hobane mehleng ya lona, ke tla etsa mosebetsi! Le ke ke la o dumela, leha le ka o bolellwa.


Batho ba tla neela moya ke tshabo le ke tebello ya tse tla tla lefatsheng; hobane tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Bonang, lona banyatsi, le makale, mme le timele; hobane ke tla etsa mosebetsi mehleng ya lona, mosebetsi oo le ke keng la o dumela, leha e mong a ka le bolella.


Jwale Jehova a tla, a ema, a bitsa jwaloka hapele: Samuele! Samuele! Samuele a re: Bua, hobane mohlanka wa hao o mametse.


Ha ho le jwalo, Bafilesta ba lwana, mme ba hlola Baiseraele, Baiseraele ba ba ba balehela e mong le e, mong hae tenteng ya hae; le polao ya eba kgolo haholo; ha eshwa Baiseraele ba dikete tse mashome a mararo ba maoto.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan