Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 29:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale Bafilesta ba kgobokanyetsa makgotla wohle a bona Afeke; Baiseraele bona ba emisa sedibeng se Jisreele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Bafilesita ba kgobokanyetsa mabotho a bona wohle Afeke. Baiseraele bona ba hloma haufi le sediba se Jesereele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 29:1
20 Iomraidhean Croise  

Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.


Bafilesta ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Iseraele, ba futuha bohle ho ya lwantsha Davida; mme Davida ha a utlwa, a kena qhobosheaneng.


Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng. Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.


Kamora tseo, ha bo ho le Nabothe wa Jisreele, ya nang le tshimo ya merara Jisreele, haufi le ntlo ya borena ya Akabe, morena wa Samaria.


Jehova o buile le baken sa Jesebele, o itse: Dintja di tla ja Jesebele lepatlelong la Jisreele.


Ha Jehu a fihla Jisreele, Jesebele a utlwa; yaba o itaka mahlo ka pilo, a ikgabisa hlooho, a nyarela ka sefensetere.


Ebile ba kgutla, ba mo tsebisa. A re: Ke yona taba eo Jehova a neng a e boletse ka Elia wa Thishba, mohlanka wa hae, a re: Naheng ya Jisreele, dintja di tla ja nama ya Jesebele;


Gebale, le Ammone, le Amaleke, le Bafilesta hammoho le baahi ba Tire;


morena wa Afeke ke e mong; e mong, ke morena wa Lasharone;


Bana ba Josefa, ba re: Thaba e ke ke ya re lekana, hobane Bakanana kaofela ba dutseng lehwatateng ba na le makoloi a tshepe; ke ba Bethe-Sheane le metse ya teng, le ba lehwatateng la Jisreele.


Moedi wa bona o lebile Jisreele le Kesullothe, le Shuneme;


Hape, ke Umma le Afeke, le Rehobe: ke metse e mashome a mabedi a metso e mmedi le metsana ya yona.


Yaba Bamidiane kaofela le Baamaleke le bana ba Botjhabela ba phutheha, ba tshela Jordane, mme ba emisa lehwatateng la Jisreele.


Yaba Jerubbaale, e leng Gideone, o tsoha e sa le hosasa, a ena le setjhaba sohle seo a nang le sona, mme ba emisa sedibeng sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane tsona di ne di le ka nqa leboya ho Gideone, pela lerallana la More, lehwatateng.


A bea tsena pela Saule le pela bahlanka ba hae, mme ba eja; ba ntoo tloha, ba ikela ka bona bosiu boo.


Jwale, Bafilesta ba phutheha, ba tla, ba emisa Shuneme; le Saule a mema Baiseraele bohle, mme ba tla, ba emisa Gilboa.


Lentswe la Samuele le ne le fihlela Baiseraele kaofela. Jwale Baiseraele ba tswa, ba futuhela Bafilesta; ba tla emisa pela Eben-Esere; Bafilesta bona ba emisa Afeke.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan