Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 26:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Davida a nka lerumo le nkgwana ya metsi e pela mosamo wa Saule, ba tsamaya ho se ya ba boneng, ho se ya ba lemohileng, ho robetse bohle, hobane Jehova o ne a ba robaditse boroko bo boholo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 Ka mokgwa o jwalo Davida a nka lerumo le lekuka la metsi le pela hlooho ya Saule, yaba ba a tsamaya. Ha se ke ha eba le motho le ya mong ya ileng a bona, kapa a tseba se etsahetseng, kapa ya kileng a phaphama. Bohle ba ne ba kgalehile, hobane Morena o ne a ba isitse le sephume sa boroko.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 26:12
7 Iomraidhean Croise  

Yare ha letsatsi le ya dikela, boroko bo boholo ba tshwara Abrame, mme bona, botshabeho jwa lefifi le leholo jwa mo wela hodimo.


Yaba Jehova Modimo o robatsa Adama boroko bo boholo, mme Adama a ithoballa. Jehova a ntsha lehopo le leng ho yena, mme a busetsa dinama tulong tsa lona.


Bosiung bona boo, morena a hlobaela boroko; yaba o re, ho tliswe buka ya dikgopotso, ya ditaba tsa mmuso, ya ba ya balwa pela morena.


Hobane Jehova o le tshetse ka moya wa boroko, o kwetse mahlo a lona, ke ho re baporofeta, o apesitse dihlooho tsa lona ka lefifi, ke ho re diboni tsa lona.


Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.


Davida a ntoo fetela nqe nngwe, a ema qhoweng ya thaba, hole, e le sebaka se seholo mahareng a bona.


Ebile Davida le Abishai ba fihla bosiu ho setjhaba, ba fihlela Saule a sekame, a robetse diahelong, lerumo la hae le hlomilwe fatshe pela mosamo wa hae, Abnere le setjhaba ba robetse ba mo teetse hare.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan