Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 22:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Saule a re: Utlwa jwale, wena, mora Akitube! Akimeleke a re: Ke nna enwa, monga ka!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 Saule a re ho Ahimeleke: “Mamela jwale, wena mora wa Ahitube.” Ahimeleke a re: “Ke nna enwa, monga ka.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 22:12
6 Iomraidhean Croise  

Eitse ha a tadima kamorao, a mpona, a mpitsa, mme ka re: Ke nna enwa.


Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!


Ke batlwa ke ba neng ba sa botse taba tsa ka, ke fumanwa ke ba neng ba sa mpatle; ka re ho setjhaba se neng se sa ipitse ka lebitso la ka: Ke nna enwa, ke nna enwa!


Ebile morena o romela ho bitsa Akimeleke, mora Akitube, moprista, le bohle ba ntlo ya ntatae, e leng baprista ba leng Nobe. Ba tla kaofela ha bona ho morena.


Saule a re ho yena: Le dumellane keng le mora Jese ho nkwenehela, kamoo o mo neileng bohobe le sabole kateng, wa ba wa mmotsetsa Modimo, e le hore a tlohe, a tle a ntalle, jwalokaha ho le jwale?


Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pela hae: Oho, Babenjamine, utlwang hle! Ana le re, mora Jese o tla le nea bohle masimo le merara, kapa a le bee bohle balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan