Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 20:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hosasane, ka la bobedi la kgwedi, setulo sa Davida sa eba feela. Yaba Saule o re ho Jonathane, mora hae: Ana mora Jese ha a ka a tla keng dijong maobane, leha e le kajeno na?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

27 Ka letsatsi la bobedi, e leng le hlahlamang la ho thwasa ha kgwedi, setulo sa Davida se ne se ntse se se na motho. Jwale Saule a re ho mora wa hae Jonathane: “Ke ka baka lang ha maobane le kajeno mora wa Jese a sa tla dijong?”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 20:27
12 Iomraidhean Croise  

Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na?


Le tle ho yena, e leng lejwe le phelang, le neng le lahlilwe ke batho, athe ho Modimo ke le kgethilweng, la bohlokwa;


Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.


Saule a boela a romela manqosa ao ho bona Davida, a re: Le ntlisetse yena ka diphateng tsa hae, a tle a bolawe.


Saule a se ke a bua letho tsatsing leo, a re: Ekaba o hlahetswe ke taba, ha a hlweka; ruri ha a hlweka.


Jonathane a arabela Saule, a re: Davida o qetse ho nna ka matla ho ya Bethlehema;


Davida a re ho Jonathane: Bona, kgwedi e tla thwasa hosasane; ke ha ke tshwanetse ho dula dijong le morena; o ntumelle, ke ye, ke ipate naheng, ho isa mantsiboya a la boraro.


Nabale a mpa a fetola bahlanka ba Davida, a re: Davida ke mang? Mora Jese ke mang na? Mehleng ena ya kajeno ho na le bahlanka ba bangata ba thobang e mong le e mong ho monga hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan