Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jwale, Eli a hlohonolofatsa Elkana le mosadi wa hae, a re: Jehova a o tsosetse bana ka mosadi enwa bakeng sa ngwana eo a kileng a mo abela Jehova. Ba ntoo kgutlela habo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

20 Eli o ne a ye a hlohonolofatse Elekana le mosadi wa hae, mme a re: “Morena a fe mosadi enwa bana ka baka la mpho eo a e etseditseng Morena.” Ebe ba ya lapeng ha bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 2:20
9 Iomraidhean Croise  

A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!


Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


Jehova a putse mosebetsi wa hao, mme moputso o phethehileng wa hao o tswe ho Jehova, Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tshabela katlasa dipheo tsa hae.


Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan