Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 18:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bahlanka ba Saule ba bolella Davida taba tseo. Davida a re: Hleka le lekanya eka ke taba e bonolo ho ba mokgwenyana wa morena, ke le motho ya fumanehileng, ya sa hlomphuweng na?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

23 Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena. Yaba Davida o re: “Le bona e le ntho e ka etsahalang, ya hore ke be mokgwenyana wa kgosi, empa ke le mofutsana ya sa hlompheheng?”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 18:23
12 Iomraidhean Croise  

Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.


mpalleng thepa ya bohadi leha e ka ba kgolo, kapa dimpho, mme ke tla le nea kamoo le mpolellang kateng; empa le nnee morwetsana, e be mosadi wa ka.


Ke monyenyane, ke a eiswa; leha ho le jwalo, ha ke lebale ditemoso tsa hao.


Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.


Motho ya qekisang wa habo o tjheha sefi maotong a hae.


Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.


Davida a re ho Saule: Nna ke mang, ke motho ya jwang, le moloko wa ntate Iseraele keng, hore ke etswe mokgwenyana wa morena?


Saule a ntoo laela bahlanka ba hae hore ba bue le Davida sephiring, ka ho re: Bona, morena o o thabetse, le bahlanka ba hae bohle ba o rata; jwale, o be mokgwenyana wa morena.


Bahlanka ba Saule ba mo tsebisa, ba re: Davida o buile ka hore le ka hore.


Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan