Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 15:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jehova, mohla a o romang, o ne a itse: Eya; baetsadibe bao ba Baamaleke o ba neele anathema, o lwane le bona, o be o ba qete.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

18 Morena o ile a o roma, a re: ‘Tsamaya, o yo timetsa baetsadibe bao ho hang, e leng Baamaleke; o ba lwantshe ho fihlela ba fela tu!’

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 15:18
9 Iomraidhean Croise  

Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.


Ba ba ba kgutla, ba tla Ene-Mishpathe, ke ho re, Kadeshe, ba qhala Baamaleke le Baamore ba ahileng Hatsatsone-Thamare, naheng yohle ya bona.


Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.


Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?


Tsela ya Jehova ke qhobosheane ho ya kgabane, empa ho ba kgopo ke tshenyeho.


Ditlokotsi di phallela baetsadibe; empa lehlohonolo ke moputso ho ba lokileng.


Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.


Haele rona, re Bajuda ka mofuta, ha re baetsadibe ba baditjhabeng;


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan