Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 15:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Samuele ha a fihla ho Saule, Saule a re ho yena: Hlohonolofatswa ke Jehova! Ke phethile taelo ya Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

13 Samuele a fihla ho Saule, mme Saule a re ho yena: “Morena a ke a o hlohonolofatse! Ke phethile taelo ya Morena!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 15:13
17 Iomraidhean Croise  

A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!


Adama a re: Mosadi eo o nneileng yena hore a dule le nna, ke yena ya mphileng tsa sefate, ka di ja.


Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse.


Ya o rorisang e be e mong, e seng leleme la hao; e be osele ho wena, e seng molomo wa hao.


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


E, moloko o teng o mahlo a phahamileng hakalo, o dintshi di leletseng hakalo!


A ke a je tholwana tsa matsoho a hae, mme mesebetsi ya hae e mo rorise kgorong tsa motse.


Ka mokgwa o jwalo, le lona, etlare ha le entse ntho tsohle tseo le di laetsweng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso, hobane re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.


Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.


A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!


Boase a re: O hlohonolofatswe ke Jehova, moradi wa ka, hobane o entse sa morao hantle ho feta sa pele, kamoo o sa kang wa latella bahlankana kateng, leha e le ba ruileng, leha e le ba fumanehileng.


Eitse ha a sa qetella ho etsa setjheso, a bona Samuele a hlaha; Saule a tswa ho ya mo kgahlanyetsa le ho mo dumedisa.


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Saule a re ho Samuele: Kannete ke utlwile lentswe la Jehova, ke ile ka tsela eo Jehova a nthomileng ka yona, ke tlisitse le Agage, morena wa Baamaleke, mme ke neetse Baamaleke anathema.


Empa Saule le setjhaba ba pholosa Agage, le dinku tse ntle, le dikgomo tse ntle tse nonneng, le dikonyana, le tsohle tse ntle, ba sa rate ho di neela anathema; haele dintho tsohle tse nyatsehang, tse nyenyane, ba di neela anathema.


Saule a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, hobane le nkutlwetse bohloko.


Empa e mong wa bahlanka ba Nabale a tsebisa Abigaile, mohatsa Nabale, a re: Bona, Davida o ne a romile manqosa, a le feelleng, ho tla dumedisa mong a rona, o mpa a ba omantse.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan