Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 14:52 - Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Ntwa e kgolo ya nna ya eba teng ya Saule le Bafilesta ka tshiu tsohle tsa hae. Mme Saule, enere ha a bona monna ya matla, leha e le monna ya bohale, o ne a inkela yena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

52 Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 14:52
4 Iomraidhean Croise  

Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.


Jwale, Samuele ha a se a hodile, a bea bara ba hae baahlodi ba Iseraele.


A re: Ke wona mokgwa wa morena ya tla busa hodima lona: o tla nka bara ba lona, a ba bee makoloing a hae, a ba etse bapalami ba hae, ba bang ba mathe pela makoloi a hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan