Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Samuele 10:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Saule a re ho rangwanae: O hlile o re tsebisitse hore diesele di bonwe. Haele taba ya borena, a se ke a mo tsebisa kamoo e kileng ya buwa kateng ke Samuele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

16 Saule a re ho rangwanae: “O ile a re bolella hantle hore ditonki di fumanwe.” Empa ha a a ka a mmolella letho ka taba ya mmuso, eo Samuele a e buileng ho yena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Samuele 10:16
9 Iomraidhean Croise  

Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso.


Ya masene o ipolokela tsebo; empa pelo tsa mawatla di tumisa bohlanya ba wona.


Lehlanya le hlahatsa kgalefo ya lona; empa ya bohlale o a e tshwara, o a e kgutsisa.


nako e teng ya ho hahola, e teng nako le ya ho roka; nako e teng ya ho kgutsa, e teng nako le ya ho bua;


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.


A nka mafura diatleng tsa hae, mme a tloha, a tsamaya a ntse a eja; eitse ha a fihla ho ntatae le mmae, a ba fa, mme le bona ba eja; a mpa a se ke a ba tsebisa hobane o nkile mafura a dinotshi sefifing sa tau.


Rangwanae a Saule a re: Ako ntsebise seo Samuele a le boleletseng sona.


Diesele tse o lahlehetseng, kajeno e seng e le la boraro, o se ke wa belaela ka tsona, hobane di se di bonwe; mme tsohle tse lakatsehang tsa Iseraele di boloketswe mang? Ana ha di a bolokelwa wena le ntlo yohle ya ntatao na?


Ha ba se ba ya fihla pheletsong ya motse, Samuele a re ho Saule: Laela mohlanka, a ke a re etelle pele — mme a ba etella pele — wena, o eme motsotso, ke tle ke o utlwise lentswe la Modimo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan