Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Marena 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova a nea Salomone, bohlale, jwalokaha a ne a mmaletse; kgotso ya eba teng mahareng a Hirame le Salomone, mme ba babedi ba etsa selekane hammoho.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 Morena a nea Solomone bohlale, jwalokaha a ne a mo tshepisitse. Ha eba le kgotso pakeng tsa Hirame le Solomone, ba ba ba etsa selekane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Marena 5:12
12 Iomraidhean Croise  

bona, ke se ke entse kamoo o boletseng kateng. Bona, ke o nea pelo e kelello le kutlwisiso; le pele ha ho a ka ha eba le a mong ya kang wena, le morao ho ke ke ha hlaha le a mong ya kang wena.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


ka baka leo, o se o neilwe bohlale le kelello; ke o neile le lefumo, le menono, le botumo boo le pele ho esong ho be morena ya bileng le bona, le morao ho ke keng ha hlaha le a mong ya tla ba le bo bokalo.


Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao; bona, ke rometse mpho ya silefera le kgauta ho wena; tloo, o kgaole selekane sa lona le Baesa, morena wa Iseraele, hore a tle a ntlohele.


Modimo wa nea Salomone bohlale le kutlwisiso e kgolo haholo, le kelello e ngata, e ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.


Ba hlaba selekane jwalo Beerseba; yaba Abimeleke o tloha le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba kgutlela lefatsheng la Bafilesta.


Yaba morena Salomone o kgetha banna hara Baiseraele bohle; ha kgethwa banna ba dikete tse mashome a mararo.


Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.


Dipuo tsa Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele,


Mmoledi o ne a le bohlale. A boela a ruta setjhaba ho hlalefa, a botsisisa, a batlisisa, a lokisa dipuo tsa maele tse ngata.


Sefela sa difela, sa Salomone.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan