Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Dikronike 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hosasane, ha Bafilesta ba tlile ho hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba wele thabeng ya Gilbowa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

8 Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bolaetswe thabeng ya Gileboa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Dikronike 10:8
6 Iomraidhean Croise  

Ba re: Ke madi; efela marena ao a bolayane, a timetsane. Helang! Bamoabe, a re yeng ho hapa.


Eitse banna bohle ba Iseraele ba ahileng kgohlong, ha ba bona hoba ho balehilwe, le hoba Saule le bara ba hae ba shwele, ba furalla metse ya bona, ba baleha. Mme Bafilesta ba fihla, ba aha ho yona.


Yaba ba mo hlobodisa, ba nka hlooho ya hae le dihlomo tsa hae; mme ba romela kahohle naheng ya Bafilesta ho ya behela medimo ya bona le setjhaba.


Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.


Hosasa, ha Bafilesta ba tla hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba wele thabeng ya Gilboa.


Bafilesta ha ba se ba ile le areka ya Modimo, ba e kenya tlung ya Dagone, ba e bea mabapa le Dagone.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan