Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Bakorinthe 9:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

12 Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

12 Haeba ba bang ba na le kabelo hodima lona, na haholoholo hase rona? Leha ho le jwalo ha re a sebedisa matla ana; mme re itshokela dilo tsotlhe, gore re se ka ra kgoreletsa Efangele ya ga Keresete.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Haeba ba bang ba na le kabelo hodima lona, na haholoholo hase rona? Leha ho le jwalo ha re a sebedisa matla ana; mme re itshokela dilo tsotlhe, gore re se ka ra kgoreletsa Efangele ya ga Keresete.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Bakorinthe 9:12
23 Iomraidhean Croise  

A re ho bona: Le se ke la ntiehisa; Jehova o atlisitse tsela ya ka, ntokolleng, ke tle ke boele ho mong a ka.


ba ba ba dumellana kaofela morerong wa ho futuhela Jerusalema le wa ho o senya.


Ho madimabe lona, baruti ba molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo; ka sebele sa lona, ha le a ka la kena; hape, le thibetse le ba kenang.


Kahobane e ne e le motho wa mosebetsi o le mong le bona, a dula ha bona, a ntse a sebetsa; hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho etsa ditente.


Ke yona taba e nthibetseng hangata ho le etela.


Le mamella tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le jara tsohle.


Athe e se e le molato ruri ho lona, ha le ena le ditseko. Na ha le ikgethele keng ho etswa hampe? Na ha le ikgethele keng ho senyehelwa?


Ke ka mokgwa oo Morena a laetseng hore ba bolelang Evangeli ba phele ka Evangeli.


Empa haele nna, ha ke a ka ka ithusa ka e nngwe ya tseo, mme leha ke ngola taba tseo, hase hore ho etswe jwalo bakeng sa ka; hobane haele hore motho a etse thoriso ya ka lefeela, nka ikgethela ho shwa.


Hobane leha ke bolela Evangeli, teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao wa teng o ntlamile, mme ho madimabe nna ha ke sa bolele Evangeli!


Hleka seo e leng moputso wa ka keng? Ke hobane, ha ke ntse ke bolela Evangeli, ke behela batho Evangeli ya Kreste, ka mokgwa o sa ba etsetseng boima, hore ke se ke ka ithusa ka tokelo eo ke nang le yona Evangeling.


E be ekasita ke se moapostola ho ba bang, ho lona ke yena; hobane ke lona le leng letshwao la boapostola ba ka Moreneng.


Empa seo ke se etsang, ke tla nne ke se etse hore, haele ba batlang sebaka, ke ba hlokise sona, hore ho seo ba ithorisang ka sona, ba fumanwe hoba ba jwaloka rona.


Ekasita leha motho a le tuba, leha motho a le ja, leha motho a le amoha, leha motho a le phahamela, leha motho a le jabela, le ye le mamelle.


Mme mohla ke tlileng Trowase ho bolela Evangeli ya Kreste, leha nkile ka bulelwa monyako teng ke Morena,


Ha re dihele batho le ka nthwana e nyenyane, tshebeletso ya rona e tle e se ke ya nyatsuwa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan