1 Bakorinthe 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae. Faic an caibideilBIBELE1 Ha e le nnete, ho utlwahala hore bohlola bo teng hara lona. Ke bohlola ba mofuta o ke keng wa eba teng le hara bahedene, e leng ba motho ya kenelang mohatsa ntatae. Faic an caibideilBaasraak Sotho NT1 Ho tumile hore hara lona ho na le bohlola, mme ke bohlola bo sa kang ba bolelwa hara baditjhaba, hore motho a be le mosadi wa ntatae. Faic an caibideilContemporary Southern Sotho Bible 20241 Ho tumile hore hara lona ho na le bohlola, mme ke bohlola bo sa kang ba bolelwa hara baditjhaba, hore motho a be le mosadi wa ntatae. Faic an caibideil |
Davida a fihla tlung ya hae Jerusalema; morena a nka basadi ba leshome ba direthe, bao a neng a ba siile ho mo lebella ntlo, a ba bea moo ba bolokwang teng, a nna a ba fepa, a mpa a se ke a hlola a kena ho bona; ba nna ba dula ba kwaletswe, ba phela ba mokgwa wa bahlolohadi, ho isa tsatsing la ho shwa ha bona.
Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le yena letsibolo; empa kahobane a ne a silafaditse malao a ntatae, boholo ba hae ba ho tswalwa bo ne bo neilwe bara ba Josefa, mora Iseraele; leha ho le jwalo, e ne e se hore Josefa a ngolwe mangolong a meloko ka ho re o na le boholo ba ho tswalwa.