Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Bakorinthe 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele nna, banabeso, ke sitilwe ho bua le lona jwaloka hoja le le baho ba moya, ke buile jwaloka hoja le le ba nama, leha e le masea ho Kreste.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

1 Bana beso, nna ke sitilwe ho bua le lona jwalokaha ke ne nka bua le batho ba nang le Moya o Halalelang, empa ke buile le lona jwalokaha le le ba lefatshe, jwaloka masea ho Kreste.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

1 Haele nna, banabeso, ke ne ke sa kgone ho bua le lona jwaloka hoja ke bua le ba moya, empa jwaloka hoja ke bua le ba nama, jwaloka hoja ke bua le bana ba ho Kreste.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Haele nna, banabeso, ke ne ke sa kgone ho bua le lona jwaloka hoja ke bua le ba moya, empa jwaloka hoja ke bua le ba nama, jwaloka hoja ke bua le bana ba ho Kreste.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Bakorinthe 3:1
11 Iomraidhean Croise  

Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.


Hobane re a tseba hore molao ke wa moya, empa nna ke wa nama, ke reketswe hore ke be mohlanka wa sebe.


Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.


Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.


Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


Hobane e mong le e mong ya fepjwang ka lebese, o sitwa ho ikutlwela lentswe la ho loka; kahobane e sa le ngwana;


Bana, ke a le ngolla, kahobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan