Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




1 Bakorinthe 15:56 - Sesotho 1909/1961 (SO)

56 Tsenene ya lefu ke sebe, mme matla a sebe ke molao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

56 Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

56 Lebolela la lefu ke sebe; mme matla a sebe ke molao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

56 Lebolela la lefu ke sebe; mme matla a sebe ke molao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




1 Bakorinthe 15:56
15 Iomraidhean Croise  

Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


Yaba Jesu o boela a re ho bona: Ke a ya, mme le tla mpatla, mme le tla shwa sebeng sa lona; moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla.


Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona.


hobane molao o hlahisa bohale; hobane moo molao o leng siyo, le ho tlola ho siyo.


Empa neo ya mohau ha e dule jwaloka tlolo; kahobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tlolo ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo e tswang mohaung wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, di atetse ba bangata ka ho fetisisa.


Hobane ekare haele ka baka la ho tlola ha motho a le mong lefu le busitseng ka motho eo a le mong, haholo ba fuwang bongata ba mohau le ba neo ya ho loka ba tla busa bophelong ka motho a le mong, e leng Jesu Kreste.


Empa molao o hlahile hore tlolo e ngatafale; mme moo sebe se ngatafetseng, mohau le wona o ngatafetse kahodimo;


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan