Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Mattheu 19:14 - Baasraak Sotho NT

14 Jesu a re: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jesu a re ho bona: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna; hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

BIBELE

14 Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Jesu a re: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Mattheu 19:14
18 Iomraidhean Croise  

Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.


A re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa sokolohe, la ba jwaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.


A ba bea matsoho, a tloha teng.


Ho lehlohonolo ba hlorisetswang ho loka; hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane mmuso wa mahodimo ke wa bona.


Eitse ha Jesu a bona hoo, a halefa, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.


Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.


Banab’eso, le se ke la ba bana matleng a kelello;


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan